Bili ya Dipuo tsa Afrika Borwa
Moralo wa qetelo o lekotsweng 04 Mmesa 2003
Bili
Ho fana ka moralo o tla etsa monyetla wa hore ho ntshetswe pele dipuo tse fapafapaneng tsa Afrika Borwa le ho kgothaletsa tlhompho ya ditokelo tsa puo ho latela moralo wa kaho le tlatsetso ya setjhaba sa Afrika Borwa se kopaneng sa demokrasi, ho nketswe hloohong le kamohelo ya dipuo tse fapafapaneng, toka setjhabeng, motheo wa ditshebeletso tsa setjhaba tse finyelehang ka ho lekana ha mmoho le mananeo, tlhompho ya ditokelo tsa puo, tlhomamiso ya ditshebeletso tsa puo maemong ohle a mmuso, matla le mesebetsi ya ditshebeletso tse jwalo, le dintlheng tse amanang le moo.
LEHA karolo ya 6 ya Molao wa motheo wa Afrika Borwa wa 1996, e amohela motheo wa tshebediso ya dipuo tse ngata ka ho etsa monyetla wa hore dipuo tse leshome le motso o mong tsa molao tsa Afrika Borwa le dipuo kaofela tsa molao di itje ka monate wa tekano le hore di fuwe tshwaro e lekanang;
HAPE LEHA mmuso o habile ho nka mehato e sebetsang le e nepahetseng ya ho phahamisa boemo le ho ntshetsa pele tshebediso ya dipuo tsa Afrika Borwa tseo ho latela nalane di neng di tehetswe ka thoko;
HAPE LEHA bohle ba na le tokelo ho latela karolo ya 30 ya Molao wa motheo ya ho sebedisa dipuo tsa kgetho ya bona;
MME LEHA boitlamo bohle bo qobellwang ke Molao wa Motheo bo lokela ho phethahatswa:
JWALE KA HOO HA SENA SE KENNGWE MOLAONG ke palamente ya Riphaboliki ya Afrika Borwa, ka tsela e latelang: -
Ditlhaloso
Ho latela Molao ona, ntle le moo moelelo o bontshang tlhaloso e nngwe e fapaneng ?
i ?Molao wa motheo? o bolela Molao wa motheo wa Riphaboliki ya Afrika Borwa wa 1996 Molao wa Nomoro ya 108 wa 1996;
ii ?dipuo tsa kwano? di bolela dipuo tseo, ho latela direkoto tsa histori, di simolotseng mona Afrika Borwa;
iii ?yuniti ya puo? e bolela yuniti ya puo e hlomamisitsweng ho latela karolo ya 6 ya Molao ona;
iv ?sesebediswa sa molao? se bolela molao ofe kapa ofe kapa molao o tswang lekaleng la mmuso le nang le matla a ho etsa molao;
v ?Letona? le bolela Letona le ikarabellang ditabeng tsa puo;
vi ?dipuo tsa molao? di bolela dipuo tseo ho buuwang ka tsona karolong ya 61 ya Molao wa motheo;
vii ?lekala la mmuso? le bolela lefapha lefe kapa lefe la mmuso kapa la tsamaiso lehlakoreng la mmuso wa naha, wa provense kapa wa selehae;
viii ?sebopeho se seng? se bolela sebopeho seo ho buuwang ka sona karolong ya 41b ya Molao;
ix "Potoloho" e bolela tsela eo ditokomane tse reretsweng hore di finyelle setjhaba ka kakaretso tse phatlalatswang le ho hasanngwa ke lefapha lefe kapa lefe la mmuso wa naha ka phetoho tse itseng, pusong efe kapa efe ya provense, di tla fumaneha ka nako e le nngwe ka dipuo tse tsheletseng ho latela ka moo ho tsepamisitsweng ka teng Karolong ya 52, kapa ho latela ka moo mehato ya provense e ka behang ka teng.
x ?Dipuo tsa Afrika Borwa? di bolela dipuo tsohle tsa kwano ho latela ka moo ho hlalositsweng ka teng karolong ya 1ii, ha mmoho le dipuo tsohle tse ding tse sebediswang Afrika Borwa, ho kenyeleditswe le tseo ho buuwang ka tsona karolong ya 65 le ya b ya Molao wa Motheo;
xi ?Molao ona? o kenyeletsa molawana ofe kapa ofe o entsweng ho latela Molao ona.
Maikemisetso
Maikemisetso ka Molao ona ke ?
a ho fana ka matla le moya karolong ya 6 ya Molao wa Motheo;
b ho kgothaletsa tshebediso e lekanang ya dipuo tsa molao tsa
Afrika Borwa;
c ho etsa hore baahi ba Afrika Borwa ba kgone ho sebedisa dipuo tsa molao tsa kgetho ya bona jwalo ka ha e le tokelo ya bona lethathameng la meelelo e mengata e kgethollwang ke Molao ona ka sepheo sa ho netefatsa hore ho na le monyetla o lekanang wa ho fumana ditshebeletso tsa mmuso ha mmoho le mananeo, thuto, le tsebo ekasitana le lesedi.
d ho etsa monyetla wa moralo wa taolo o tla kgothaletsa tshebediso e nang le matla a phethahatso ya boitlamo ba molao wa motheo bo amanang le tshebediso ya dipuo tse ngata.
Metheo ya Tataiso
Metheo e tataisang Molao ona ke e latelang?
a Kgothaletso le kamohelo ya dipuo tse fapafapaneng ke dintho tse lokelang ho tsitlallelwa ho latela dipallo tsa Molao wa Motheo le molao o tshwanetseng wa matjhaba.
b Kgothaletso ya tshebediso ya dipuo tsa kwano kaofela le Puo kapa dipuo tsa Afrika Borwa tsa batho ba sa kgoneng ho buwa ka molomo empa ba sebedisa matsoho ho buwa.
c Ho tsitlallelwe taba ya hore ho ikatelwe ka tekano ya dipuo le ditokelo tsa puo ka mokgwa o tla etsa hore ho kgothaletswe kopano kapa bonngwe ba setjhaba le demokrasi.
d Ho kgothaletswe batho hore ba ithute dipuo tsa Afrika Borwa, haholoholo dipuo tsa kwano.
e Mehato ya phethahatso ya tshebediso ya dipuo tse ngata e lokela ho nkela hloohong ditakatso, ditlhoko le ditabatabelo tsa bohle ba amehang mme le seabo sa bona ditabeng tsa puo se lokela ho kgothaletswa.
f Ho tshwanetse hore hobe le kgokahano ya mebuso le maano a kgemang mmoho, melao le mehato e amanang le boikatelo le ho kgothaletsa tshebediso ya dipuo tse ngata.
Metheo e lokodisitsweng karolwaneng ya 1 e tla sebetsa makaleng ohle a mmuso le dibopehong tse ding moo ho hlokehang teng le nakong eo sena se hlokehang ka yona, mme e tla -
a sebetsa ha mmoho le mabaka a mang kaofela a tshwanetseng le a loketseng a mabapi le ho kgothaletsa tshebediso ya dipuo tse ngata;
b sebetsa jwalo ka moralo wa kakaretso eo mehato kaofela ya phethahatso ya Molao ona e tla lokela ho botjwa ka yona;
c sebetsa jwalo ka tataiso e tla dula e sebediswa ka dinako tsohle ke lekala lefe kapa lefe la mmuso ha le lokela ho etsa mosebetsi o mong le o mong ho latela Molao ona;
Molao ona o tlama -
a mmuso, ho kenyeleditswe le lefapha le leng le le leng la mmuso kapa tsamaiso ya mmusong wa naha, wa provense kapa ya lehlakoreng la mmuso wa selehae; le b mokgatlo ofe kapa ofe o nang le matla a setjhaba kapa o etsang mosebetsi wa setjhaba ho latela molao ofe kapa ofe, ho ya ka dipallo tsa karolo ya 55c
Tlhalosong ya temana ya Molao ona, motho e mong le e mong, lekgotla la dinyewe kapa lekgotla le tla kgetha tlhaloso efe kapa efe e utlwahalang e tsamaelanang le maikemisetso a Molao wa motheo le Molao ona ho tlhaloso efe kapa efe e nngwe e sa tsamaelaneng le maikemisetso jwalo ka ha a fuperwe karolong ya 2.
Molao ona o tla tliswa pele ho ditemana tse sa tsamaelaneng tsa Molao ofe kapa ofe o mong o mabapi le tshebediso ya puo, ntle le Molao wa motheo.
Ha ho pallo ya Molao ona e tla utlwisiswa ka mokgwa o tla etsa hore matla le mesebetsi ya -
i mokgatlo ofe kapa ofe wa mmuso o tshehetsang demokrasi ya molao wa motheo o hlomamisitsweng ho latela karolo ya 181 ya Molao wa motheo le molao ofe kapa ofe;
ii Lekgotla la Dipuo tsohle tsa Afrika Borwa le hlomamisitsweng ho latela Molao wa Lekgotla la Dipuo tsohle tsa Afrika Borwa wa 1955 Molao wa nomoro ya 59 wa 1995; le na le moo le haellang teng kapa le a nyediseha.
Leano la Puo
Tshebediso le mehato kaofela e nkilweng phethahatsong ya teng e tla netefatsa hore dipuo di tshwerwe ka ho lekana le hore ho na le tekano ya tlhompho ya dipuo tse amehang.
Tlatsetsong ya sepheo karolong ya 7 b, le ho latela dipallo tsa karolwana ya 5, ditokomane tsa mmuso di tla fumaneha ka dipuo kaofela tse 11 tsa molao, mme moo ho sa kgoneheng, mafapha a mmuso wa naha a tla phatlalatsa ditokomane tseo ka nako e le nngwe ka bonyane dipuo tse tsheletseng tsa molao. Kgetho ya dipuo e tla sebetsa ho latela ka moo ho hlalositsweng ka teng karolwaneng ya 3a le ho ya ka motheo wa potoloho wa mekgahlelo e mmedi ya dipuo tsa molao karolwaneng ya 3a V & VI, ntle le moo lekala la mmuso le tshwanelehileng kapa mokgatlo o mong o ka bontsha hore ho a hlokeha ka tsela e utlwahalang hore ho latelwe leano le leng molemong wa tsamaiso e sebetsang hantle kapa molemong wa kgokahano ya puisano a Dipuo tseo ho buuwang ka tsona karolwaneng ya 2 ke ?
Leano lefe kapa lefe le leng leo ho buuwang ka lona karolwaneng ya 2 -
a le tla amohelwa le ho phethahatswa ka ditherisano le Lekgotla la Dipuo tsohle tsa Afrika Borwa; mme le b kgeme le dipallo tsa dikarolo tsa 63a le 30 tsa Molao wa Motheo.
Kgetho ya dipuo dife kapa dife tse itseng ho latela karolwana ya 2 e tla sebetsa -
a mesebetsing ya molao, ya phethahatso le ya makgotla a dinyewe a mmuso boemong ba naha ho nketswe hloohong mabaka ohle a tshwanelehileng, ho kenyeleditswe tshebediso, kgoneho le tekanyo ya ditlhoko le boikgethelo ba setjhaba ka kakaretso, ha feela ho tla sebediswa dipuo tse seng ka tlase ho tse tsheletseng ka palo boemong ba naha molemong wa sepheo sa kgokahano ya puo e ngotsweng ho latela ka moo karolwana ya 6 e tsepamisitseng ka teng;
b mesebetsing ya molao, ya phethahatso le ya makgotla a dinyewe ya mmuso boemong ba provense le ba selehae, ha feela maemo a ditaba a lebatowa le a selehae a tla fumana kananelo e loketseng ha mmoho le mabaka ao ho buuweng ka ona serapeng sa a c mekgatlo kapa dibopeho tseo ho buuwang ka tsona karolong ya 41b moo ho tshwanelehileng le haeba sebopeho, sepheo le mesebetsi ya mokgatlo o jwalo ele dintho tse fumanang kananelo e loketseng tabeng ya ho tsepamisa leano le tshwanetseng la puo.
Letona le tla sebedisa matla a lona ho latela karolo ya 12 ho -
a arola ka mekgahlelo, ka morao hoba le rerisane le di-Ofisi tsa matona a mang, kgokahano, dipehelo, direkoto, ditokomane le disebediswa tsa molao tseo karolo ena, ha e balwa le karolo ya 7b moo ho lokelang, di tla sebetsa;
b nehelana kgafetsa ka meralo ya nako eo ka yona Bili ena kapa karolo efe kapa efe ya yona e tla lokela hore e phethahatswe; le c nkela hloohong, ka nako e utlwahalang, mekgwa yohle, ho kenyeleditswe ditlhahiso tsa ditokiso tsa Bili, tse tla netefatsa tshebediso ya Bili mekgatlong ya poraefete e nehelanang ka ditshebeletso tsa bohlokwa tsa setjhaba.
Diyuniti tsa Puo
Nakong ya dilemo tse hlano ka morao hoba Molao ona o qale, yuniti ya puo e lokela hore e hlomamiswe-
a lefapheng le leng le le leng la mmuso wa naha; le b provenseng e nngwe le e nngwe ho latela molao wa provense o etsang monyetla wa phethahatso ya Bili ena.
Mebuso ya diprovense e tla nka mehato e hlokehang ho tshehetsa le ho matlafatsa bokgoni ba mebuso ya selehae ho ikamahanya le dipallo tsa Molao ona le tsa molao wa motheo tse itshetlehileng puong.
Moo ho seng ho ntse ho na le yuniti boemong bofe kapa bofe ba mmuso eseng e ntse e amana le ditaba tsa puo, lefapha le loketseng kapa provense e loketseng le ka abela yuniti e jwalo matla le mesebetsi e hlokehang bakeng sa ho phethisa boitlamo ba yona ho latela Molao le Molao wa motheo.
Matla le mesebetsi ya diyuniti tsa puo karolo ena e lokela ho balwa ka tlatsetsano le karolo ya 6
Yuniti ya puo e tla ba le matla le mesebetsi ya yona e tla ba ho -
a thusa le ho hlokomela phethahatso ya melawana e entsweng ho phethahatsa boitlamo bo behilweng ke Molao b nka mehato e sebetsang le e nepahetseng ya ho phethahatsa leano la naha la puo ho latela ka moo le tsepamisitsweng ka teng karolong ya 5 mabapi le tse latelang:
i tshebeletsano le tshebedisano ya mafapha maemong ohle a mmuso kgokahanong ya puisano ya molomo;
ii tshebeletsano le tshebedisano ya mafapha maemong ohle a mmuso kgokahanong ya puisano e ngotsweng;
iii kgokahano ya puisano ya molomo le setjhaba;
iv kgokahano ya puisano e ngotsweng le setjhaba; le v kgokahano ya puisano ya matjhaba moo ho loketseng teng.
c etsa dipatlisiso ka puo le ditlhakiso tse loketseng maemo a yona a tshebetso ka mohopolo wa ho hlahloba nepahalo kapa tshwaneleho ya leano le teng la puo le tshebediso ha mmoho le ho etsa dikgothaletso tsa ho ntlafatsa leano le tshebediso ya lona;
d tsebisa setjhaba, ka ho hasanya lesedi hantle ka dikahare le phethahatso ya leano la puo lekaleng le loketseng la mmuso;
e etsa dintlho tsohle leha e le tse nang le seabo se senyenyane kapa tse hlokehang ho phethahatsa ka tsela e nepahetseng boitlamo boo ho buuwang ka bona dirapeng tsa a ho isa ho sa d.
Ntshetsopele ya dipuo tsa kwano le ya Puo kapa Dipuo tsa Afrika Borwa tsa batho ba sebedisang matsoho ho buwa
Ho ntse ho itshetlehilwe dipallong tsa karolo ya 9(a), Letona le tla nka mehato e sebetsang le e nepahetseng ho ntshetsa pele dipuo tsa kwano le Puo kapa Dipuo tsa Afrika Borwa tsa batho ba sebedisang matsoho ho buwa, ka ho qoholleha ho -
a fumana dikarolo tse lokelang ho tadingwe pele ho tse ding ha ho ntshetswa pele dipuo tsena;
b tshehetsa metheo eseng e ntse e le teng e amehang ntshetsopeleng ya dipuo tsena;
c hlomamisa metheo e metjha le mananeo a ntshetsopele ya dipuo tsena, le d tshehetsa merero ya diprojekte tsa mose wane ho meedi tsa ntshetsopele ya dipuo tsena lebatoweng la Afrika e ka Borwa.
Tshebedisano
Ntle le ho kgeloha dipallong tsa Molao wa Lekgotla la Dipuo tsohle tsa Afrika Borwa wa 1995 (Molao wa nomoro ya 59 wa 1995) phethahatso ya boitlamo bofe kapa bofe bo tsepamisitsweng ke Molao ona, haholoholo boitlamo bo fumanehang karolong ya 7 le ya 8, diyuniti tsa puo kapa lekala lefe kapa lefe la mmuso le amehang phethahatsong ya Molao ona -
a moo ho tshwanelehileng le moo ho hlokehang hore ho phethahatswe hantle Molao ona le ho qoba phetapheto ya mesebetsi le ditshebeletso, di tla buisana le ho sebedisana le mekgatlo efe kapa efe e meng ya setjhaba kapa ya poraefete, sebopeho kapa tshebeletso e nang le mehlodi e hlokehang le bokgoni ba ho thusa phethahatso e phethahetseng ya Molao ona, mme b di ka tlabola dilekane tsa tumellano le motho ofe kapa ofe kapa mokgatlo ofe kapa ofe bakeng sa ho finyeletsa ditshebeletso kapa sehlahiswa, ho etsa dipatlisiso tse tla thusa phethahatsong ya Molao ona, tsa ntshetsopele ya dipuo tsa Afrika Borwa, kapa ntlafatso kapa theknoloji e loketseng ho thusa ntshetsopeleng le tshebedisong ya dipuo tsa Afrika Borwa.
Dipehelo
Yuniti ya puo e tla fana ka pehelo selemo se seng le se seng ?
a Palamenteng ka lefapha le loketseng ntlheng ya yuniti ya puo ya lefapha la naha;
b palamenteng ya provense e amehang le Lekgotleng la Naha la Diprovense ntlheng ya yuniti ya puo ya provense;
c Lekgotla la Dipuo tsohle tsa Afrika Borwa le ka nka bohato bofe kapa bofe bo etseditsweng monyetla karolong ya 81b ho isa ho ya d ya Molao wa Lekgotla la Dipuo tsohle tsa Afrika Borwa, Molao wa nomoro ya 59 wa 1995.
Pehelo efe kapa efe eo ho nehelanwang ka yona ho latela karolwana ya 1 e tla-
a bontsha bonamo boo ka bona boitlamo bona bo behilweng ke Molao ona bo kgonneng ho phethiswa ka teng;
b hlalosa sebopeho sa ditletlebo tse amanang le puo tse amohetsweng setjhabeng le hore ke mohato ofe o ileng wa nkuwa ho rarolla tletlebo tsena;
c hlalosa ho feta tabeng ya mathata ao ho ileng ha kopanwa le ona phethahatsong ya Molao ona le hore ke mehato efe e nkilweng kapa e ntseng e nkuwa ho rarolla mathata a jwalo;
d moo ho hlokehang, ho tla etswa dikgothaletso tsa ntshetsopele, ntlafatso, ntjhafatso, phetoho kapa tokiso ya Molao ona;
e moo ho hlokehang, ho tla sebetsanwa le taba efe kapa efe e nngwe e ka kenyang letsoho ntshetsopeleng ya tshebediso ya dipuo tse ngata.
Pehelo e nngwe le e nngwe eo ho nehelanweng ka yona ho latela karolo ena e tla nkelwa hloohong ka tsela e loketseng ke lekala le loketseng la mmuso ha ho nkuwa mehato e latelang ya phethahatso ya Molao ona.
Dipallo tsa dikarolo tsa 5 le 7 moo ho loketseng, di tla sebetsa kgethong ya dipuo moo ho tshwanetseng hore ho nehelanwe ka dipehelo ho latela karolo ena.
Ditharollo
Motho ofe kapa ofe ya ikemetseng kapa a emetse motho e mong, mokgatlo wa batho kapa sebopeho se emetseng ditho tsa sona kapa ditho tsa sehlopha sa puo kapa lekala lefe kapa lefe la mmuso le a etsa kopo Lekgotleng la dinyewe ya tharollo kapa pheko e loketseng ho latela karolo ena.
Kopo e ka etswa tlasa karolwana ya 1 e amanang le tlolo efe kapa efe e bolediswang kapa eo ho tshoswang ka yona ka taba ya tlolo ya tokelo ya puo, leano la puo kapa tshebediso ya puo e tswalwang ke ?
a ho se ikamanye kapa ho ikamanya le boitlamo bo fuperweng ke Molao ona le ke Moralo wa Naha wa Leano la Puo;
b tlhokeho ya boikamanyo le kgothaletso, se fumanweng kapa qeto ya Lekgotla la Dipuo tsohle sa Afrika Borwa e mabapi le Molao ona.
Lekgotla la dinyewe, dinyeweng tse tshwerweng tlasa karolo ena, le ka nna la fana ka pheko e jwalo ho latela ka moo le nkang ho loketse ka teng le ho latela maemo, a kenyeletsang -
a taelo ya nakwana;
b taelo ya phatlalatso;
c taelo ya nakwana ya ditherisano kapa ya thibelo;
d taelo ya tefo ya ditshenyehelo dife kapa dife;
e taelo ya phethiso ya mehato e ikgethang ya ho rarolla boemo bona boo ho nang le tletlebo ka bona;
f taelo e hlokang hore moqosuwa a fete tlhakisong ya maano a puo ha mmoho le ditshebediso;
g taelo ya ho ikamanya le pallo efe kapa efe ya Molao ona, kapa se fumanweng, kgothaletso kapa qeto ya Lekgotla la Dipuo tsohle tsa Afrika Borwa;
h taelo e loketseng ya ditshenyehelo tse mabapi le lehlakore lefe kapa lefe le nyeweng.
Ha ho letho karolong ena le kgelohang tokelong ya bohato bofe kapa bofe boo motho a ka bo nkang ho feta tokelo ya bohato e tsepamisitsweng karolong ena.
Dinyeweng tse bang teng tlasa karolo ena tse amanang le tletlebo e tobisitsweng lekaleng kapa mokgatlong oo Molao ona o lokelang ho sebetsa ho ona, Lekgotla la dinyewe le ka amohela lesedi le amanang le tletlebo efe kapa efe tlasa Molao ona kapa Molao wa Lekgotla la Dipuo tsohle tsa Afrika Borwa wa 1995 Molao wa nomoro ya 59 wa 1995 e le bopaki mabapi le lekala leo kapa mokgatlo oo.
Moo Lekgotla la dinyewe le nang le maikutlo a hore kopo ho latela karolo ena e hlahisitse motheo wa bohlokwa o motjha mabapi le Molao ona, Lekgotla la dinyewe le ka laela hore ditshenyehelo di abelwe molli leha molli a sa ka a atleha sephethong.
Melawana
Letona, ka morao hoba le rerisane le dikomiti tsa Palamente tse loketseng kapa dikomiti tse ding, ka ho etsa tsebiso Koranteng ya Mmuso, le ka etsa melawana e mabapi le -
a taba efe kapa efe e hlokehang kapa e dumeletsweng ke Molao ona;
b taba efe kapa efe e ka hlokehang kapa e potlakileng ho finyella maikemisetso a Molao ona;
c khoutu ya puo ya bahlanka ba setjhaba, ka morao hoba le rerisane le Lefapha la Tshebeletso ya Setjhaba le Tsamaiso;le d mekgwa efe kapa efe e tla thusa ho etsa bonnete ba hore Molao ona o qobellwe ho sebetsa hantle.
Molawana ofe kapa ofe o amanang le ditjhelete kapa o ka tswalang hore mmuso o sebedise tjhelete, o lokela hore o etswe ke Letona le sebetsang ka ditherisano le Letona la Ditjhelete.
Sehlooho se sekgutshwanyane le qalo
Molao ona o tla bitswa Molao wa Dipuo tsa Afrika Borwa wa 2003 mme o tla qala ho sebetsa ka letsatsi le tla behwa ke Presidente ka kgweletso e tla etswa Koranteng ya Mmuso.
Leano la Puo la Bili ya Afrika Borwa le ntjhafaditsweng mohla la 2003-04-04
